Dipesaleme 18:1-50

  • Ho rorisa Modimo hobane a pholosa

    • “Jehova ke lefika la ka” (2)

    • Jehova o tshepahalla ba tshepahalang (25)

    • Dintho tsohle tseo Modimo a di etsang di phethahetse (30)

    • “Boikokobetso ba hao bo a mphahamisa” (35)

Ho motsamaisi. Pina eo Davida mohlanka wa Jehova a e binetseng Jehova letsatsing leo Jehova a ileng a mo pholosa matsohong a dira tsohle tsa hae le letsohong la Saule. O ile a re:+ 18  Ke a o rata, Jehova matla a ka.+   Jehova ke lefika la ka le sebaka sa ka se sireletsehileng mme ke yena ya mpholosang.+ Modimo wa ka ke lefika la ka+ mme ke tla balehela ho yena,Ke thebe ya ka le lenaka* la ka la poloko,* setshabelo sa ka se sireletsehileng.*+   Ke kopa thuso ho Jehova, ya tshwanelwang ke ho roriswaMme ke tla pholoswa ho dira tsa ka.+   Diropo tsa lefu di ne di nthatetse.+Batho ba bangata ba kgopo jwalo ka metsi a morwallo ba ile ba ntshosa.+   Diropo tsa Lebitla* di ile tsa mpotapota.Lefu le ne le ntjhehetse leraba.+   Ha ke le mathateng ke ile ka bitsa Jehova,Ka nna ka llela ho Modimo wa ka ho kopa thuso. O ile a utlwa lentswe la ka a le tempeleng ya hae,+A nkutlwa ha ke lla ke kopa thuso.+   Lefatshe la sisinyeha mme la reketla.+Metheo ya dithaba ya thothomelaLe ho tsukutleha hobane o ne a halefisitswe.+   Mosi wa tswa dinkong tsa haeLe mollo o tjhesang wa tswa molomong wa hae.+Ho ne ho tswa mashala a hlenneng ho yena.   A koba mahodimo ha a theoha,+Lefifi le letsholetsho le ne le le tlasa maoto a hae.+ 10  O ne a palame kerubime, a tla a fofa.+ A theoha ka potlako a le hodima mapheo a lengeloi.*+ 11  Ka mora moo, a ikwahela ka lefifi+E leng ka metsi a matsho le maru a matsho.+A ne a mo potapotile ka hohle jwalo ka tente. 12  Ho ile ha eba le kganya ka pela hae,Sefako le mashala a hlenneng a tswa marung. 13  Jehova a duma a le lehodimong.+ Ya Phahameng ka ho Fetisisa a etsa hore lentswe la hae le utlwahale+Ka sefako le mashala a hlenneng. 14  A betsa metsu ya hae yaba o a ba hasanya.+A lahlela lehadima la hae mme a ba ferekanya.+ 15  Dikotopo tsa metsi tsa bonahala.+Jehova, ha o kgalemela metheo ya lefatshe e a senoleha.E senolwa ke moya o matla o tswang dinkong tsa hao.+ 16  O ile a otlolla letsoho la hae a le hodimo.A ntshwara mme a nkgula metsing a tebileng.+ 17  O ile a mpholosa ho sera sa ka se matla,+Ho ba ntlhoileng, ba neng ba le matla ho mpheta.+ 18  Ba ile ba ntwantsha ha ke ena le mathata+Empa Jehova a ntshehetsa. 19  A ntlisa sebakeng se sireletsehileng.*A mpholosa hobane ke ne ke mo kgahlisa.+ 20  Jehova o a mputsa hobane ke lokile.+O a mputsa hobane ha ke na molato.*+ 21  Ke mamela melao ya Jehova ka mehla.Ha ke a etsa dintho tse mpe mme ka tlohela Modimo wa ka. 22  Ke dula ke hopola melao yohle ya hae.Nke ke ka iphapanyetsa ditaelo tsa hae. 23  Ke tla dula ke se na molato ka pela hae+Ebile ke tla qoba ho etsa phoso.+ 24  E se eka Jehova a ka mputsa hobane ke lokile,+Ha ke na molato ka pela hae.+ 25  O tshepahalla motho ya tshepahalang,+Ya se nang molato, o mo tshwara ka toka.+ 26  Ha motho a le molemo o tla mo etsetsa se molemo+Empa o sebetsana le ya bolotsana ka bohlale.+ 27  O pholosa ba maemong a tlase*+Empa o kokobetsa ba ikgohomosang.+ 28  Ke wena ya kgantshang lebone la ka, Jehova,O Modimo wa ka ya nkgantshetsang lefifing.+ 29  Ka thuso ya hao nka hlola lebotho la masole,+Ka matla a Modimo nka tlola lerako.+ 30  Dintho tsohle tseo Modimo wa nnete a di etsang di phethahetse.+Polelo ya Jehova e hlwekile.+Ke thebe ho bohle ba balehelang ho yena.+ 31  Modimo ke mang ntle ho Jehova?+Lefika ke mang ntle ho Modimo wa rona?+ 32  Modimo wa nnete ke yena ya mphang matla,+O tla otlolla tsela ya ka.+ 33  O etsa hore maoto a ka a be jwalo ka a kgama.O nkemisa dibakeng tse phahameng.+ 34  O kwetlisa matsoho a ka bakeng sa ntwa.Matsoho a ka a ka koba seqha sa koporo. 35  O mpha thebe ya hao ya poloko,+Letsoho la hao le letona le a ntshehetsa,*Boikokobetso ba hao bo a mphahamisa.+ 36  O etsetsa mehato ya ka tsela e bulehileng.Maoto* a ka a ke ke a thella.+ 37  Ke tla lelekisa dira tsa ka mme ke di tshware.Nke ke ka kgutla ho fihlela di fedisitswe. 38  Ke tla di silakanya e le hore di se ke tsa kgona ho tsoha.+Di tla wela tlasa maoto a ka. 39  O tla etsa hore ke be le matla bakeng sa ntwa.O tla etsa hore dira tsa ka di wele ka tlasa ka.+ 40  O tla etsa hore dira tsa ka di mpalehe,Ke tla fedisa* ba ntlhoileng.+ 41  Ba a lla ba kopa thuso empa ha ho na motho ya ba pholosang.Ba llela le ho Jehova empa ha a ba arabe. 42  Ke tla ba tula hore ba silehe jwalo ka lerole le fefolwang ke moya.Ke tla ba lahlela ka ntle jwalo ka seretse diterateng. 43  O tla mpholosa ho batho ba tshwayang diphoso.+O tla nketsa hlooho ya ditjhaba.+Batho bao ke neng ke sa ba tsebe ba tla ntshebeletsa.+ 44  Ha ba utlwela ka nna ba tla mmamela.Baditjhaba ba tla ikokobetsa ka pela ka.+ 45  Baditjhaba ba tla nyahama.Ba tla tswa ba thothomela dibakeng tsa bona tse sireletsehileng. 46  Jehova o a phela. Ho roriswe Lefika la ka.+Ho ke ho phahamiswe Modimo wa poloko ya ka.+ 47  Modimo wa nnete o iphetetsa bakeng sa ka.+O etsa hore batho ba be tlasa ka. 48  O mpholosa ho dira tsa ka tse halefileng.O mphahamisetsa hodimo, hole le ba ntlhaselang.+O mpholosa ho motho ya ratang ho lwana. 49  Jehova, ke ka lebaka leo ke tla o rorisa hara ditjhaba.+Ke tla binela lebitso la hao dipina tsa thoriso.+ 50  O etsa diketso tse kgolo tsa poloko bakeng sa morena wa hae.+O bontsha hore o rata* motlotsuwa wa hae+E leng Davida le bana* ba hae ka ho sa feleng.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “mopholosi wa ka ya matla.”
Kapa: “sebaka se phahameng se sireletsehileng.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “mapheo a moya.”
Kapa: “sebakeng se seholo.”
Ka Seheberu: “ke hlwekile.”
Kapa: “ba hlophehileng.”
Kapa: “mmatlafatsa.”
Kapa: “Maqaqailana.”
Ka Seheberu: “kgutsisa.”
Kapa: “O bontsha lerato le tshepahalang ho.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “peo.”